1. Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.
2. Baholo ba setjhaba kaofela, e leng ba meloko yohle ya Iseraele, ba itlhahisa phuthehong ya setjhaba sa Modimo, ya eba batho ba kete tse makgolo a mane a ba maoto, ba pshemolang sabole.
3. Mme bana ba Benjamine ba utlwa ho thwe, bana ba Iseraele ba nyolohetse Mitspe.Yaba bana ba Iseraele, ba re: Re bolelleng kamoo bobe bo hlahileng kateng.
4. Yaba Molevi, monna wa mosadi ya bolailweng, o araba, a re: Re ne re kene Gibea wa Benjamine, re ena le serethe sa ka, ho robala teng bosiu.
5. Empa beng ba Gibea ba ntsohela matla, ba teela ntlo hare bosiu, ba re, ba tla mpolaya; ba ile ba beta serethe sa ka, sa ba sa eshwa.
6. Ka ba ka tshwara serethe sa ka, ka se poma dikoto, ka romela dikoto tsa sona naheng yohle ya lefa la Iseraele, ka ho re, ba Gibea ba entse molato le manyala Iseraeleng.
7. Bonang, le mona kaofela, lona bana ba Iseraele; rerang hammoho, le eletsane.
8. Yaba setjhaba kaofela se ema jwaloka hoja ke motho a le mong, sa re: Ha ho e mong wa rona ya tla kgutlela hae tenteng ya hae, leha e le ho ipoella hae tlung ya hae.