3. Ha ho le jwalo, ke itse: Nke ke ka ba leleka pela lona; empa ba tla nne ba be ka mahlakoreng ho lona, mme medimo ya bona e tla ba leraba ho lona.
4. Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.
5. Kahoo, ba rea nqalo eo lebitso la Bokime (balli), mme ba hlabela Jehova teng.
6. Haele Joshua, o ne a kgutlisitse setjaba, mme bana ba Iseraele ba ne ba ile e mong le e mong lefeng la hae, ho rua lefatshe.
7. Setjhaba sa nna sa sebeletsa Jehova ka ditshiu tsohle tsa Joshua le ka ditshiu tsohle tseo baholo ba ileng ba phela ka tsona kamora Joshua, e leng ba neng ba bone mesebetsi yohle e meholo eo Jehova a neng a e etseditse Iseraele.
8. Joshua, mora Nune, mohlanka wa Jehova, a timela a le dilemo tse lekgolo le nang le leshome,
9. a ba a patwa naheng ya lefa la hae, Timnathe-Herese, dithabeng tsa Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe.
10. Le wona moloko oo wa orohela ho bontata wona, ha ba ha hlaha moloko o mong o neng o sa tsebe Jehova, leha e le mesebetsi eo a neng a e etseditse Iseraele.
11. Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ba sebeletsa boBaale.