16. Leha ho le jwalo, Jehova a nna a ba hlahisetsa baahlodi, ba ba namolela matsohong a ba ba senyang.
17. Le teng, ba se ke ba mamela baahlodi ba bona, ba nna ba ineela medimo esele, ba e kgumamela; ba phakisa ba kgeloha tsela eo bontata bona ba neng ba tsamaile ka yona, ha ba ntse ba mamela ditaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa jwalo.
18. Enere Jehova ha a ba hlahisetsa baahlodi, Jehova o ne a emela moahlodi, a ba namolela matsohong a dira tsa bona ka ditshiu tsohle tsa moahlodi eo; hobane Jehova o ne a ntse a fetoha ke ho utlwa dillo tsa bona ha ba lliswa ke ba ba hlorisang, ba ba tshwenyang.