Baahlodi 2:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba lengeloi la Jehova le tloha Gilgale, la nyolohela Bokime, la re: Ke ne ke itse, ke tla le nyolla Egepeta, ke tle ke le tlise lefatsheng leo ke anneng hore ke tla le nea bontata lona; mme ke ne ke itse: Ha nka ke ka roba selekane sa ka seo ke se entseng le lona le ka mohla o le mong.

2. Ka re: Le lona le se ke la etsa selekane le ba ahileng fatseng lena, le mpe le heletse dialetare tsa bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka; le etseditseng jwalo?

3. Ha ho le jwalo, ke itse: Nke ke ka ba leleka pela lona; empa ba tla nne ba be ka mahlakoreng ho lona, mme medimo ya bona e tla ba leraba ho lona.

4. Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.

5. Kahoo, ba rea nqalo eo lebitso la Bokime (balli), mme ba hlabela Jehova teng.

6. Haele Joshua, o ne a kgutlisitse setjaba, mme bana ba Iseraele ba ne ba ile e mong le e mong lefeng la hae, ho rua lefatshe.

7. Setjhaba sa nna sa sebeletsa Jehova ka ditshiu tsohle tsa Joshua le ka ditshiu tsohle tseo baholo ba ileng ba phela ka tsona kamora Joshua, e leng ba neng ba bone mesebetsi yohle e meholo eo Jehova a neng a e etseditse Iseraele.

Baahlodi 2