Jwale, monna wa hae a tloha, a mo latela ho ya bua le pelo ya hae, a tle a mo kgutlise; a ya le mohlanka wa hae le diesele tse pedi. Mosadi eo a mo amohela tlung ya ntatae, mme ntata morwetsana ha a mmona, a thaba ha a teana le yena.