Baahlodi 19:20-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Monna ya tsofetseng, a re: Kgotso e be le wena! tsohle tseo o di hlokang, ke nna ke tla o batlela tsona. Feela, o se ke wa robala bosiu lepatlelong.

21. Yaba o mo isa tlung ya hae, a nea diesele furu, ba ntoo itlhatswa maoto, ba eja, ba enwa.

22. Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.

23. Monna, monga ntlo, a tswela ho bona, a re ho bona: Tjhe, banabeso, se etseng hampe; haele moo monna eo a fapohetse ha ka, le se ke la etsa manyala a kalo.

24. Moradi wa ka ke eo, e sa le morwetsana; hape, serethe sa hae ke seo; a nke ke le ntshetse bona kantle, le ba kokobetse, le etse ka bona kamoo le ratang kateng; monna yena le se ke la mo etsa ka manyala a kalo.

25. Empa banna bao ba hana ho mo utlwa; yaba monna o tshwara serethe sa hae, a ba tlisetsa sona kantle, mme ba se beta, ba se senya bosiu bohle, ha ba ha eba ka meso, ba ntoo se tlohela, ha bo qala ho sa.

26. Ha bo esa, mosadi a kgutla, a wela monyako wa ntlo ya monna eo monga hae a fapohetseng ha hae, mme a dula teng la ba la tjhaba.

27. Monga hae a tsoha e sa le ka meso, a bula mamati a ntlo, mme a tswela ntle, a re o ya tswela pele tseleng ya hae; a mpa a bona mosadi eo, e leng serethe sa hae, a rapaletse monyako wa ntlo, matsoho a hae a le sefateng se hatwang sa monyako.

28. A re ho yena: Tsoha, re tsamaye. Empa ha a ka a araba. Yaba monna eo o mmelesa eseleng, a tsamaya, a ba a fihla hae.

29. Eitse hobane a fihle hae, a nka thipa, a tshwara serethe sa hae, a se arola, a se etsa koto tse leshome le metso e mmedi ka ho ya ka masapo a sona, mme a di romela naheng yohle ya Iseraele.

30. Bohle ha ba bona hoo, ba re: Ho jwalo ha ho eso ho ka ho hlaha, le ho bonwa, haesale bana ba Iseraele ba nyoloha fatsheng la Egepeta, ho fihlela la kajeno. Lemohang taba eo, le rere hammoho, mme le bue.

Baahlodi 19