Baahlodi 18:27-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Haele bao, eitse hobane ba nke ntho tseo Mika a di entseng, le moprista wa hae ba fihla Laishe, batho ba teng ba ntse ba dutse ka kgotso le ka boiketlo; ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, mme ba tjhesa motse.

28. Ha ho a ka ha eba motho ya namolelang motse, hobane o ne o le hole le Sidone, hape batho ba teng ba ne ba se na taba le ba bang. Motse oo o ne o le kgohlong e Bethe-Rehobe. Ba boela ba tsosa motse, ba aha teng.

29. Mme motse oo ba o rea lebitso la Dane, ka lebitso la Dane ntata bona, ya neng a tswaletswe Iseraele. Empa bitso la pele la motse e ne e le Laishe.

30. Bana ba Dane ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora Gershone, mora Moshe, le bara ba hae, ya eba baprista ba leloko la Dane, ho fihlela mohla ba naha eo ba iswang kgolehong.

Baahlodi 18