Baahlodi 18:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Mohlang oo, ba leloko la Dane ba ne ba ipatlela naha ya lefa eo ba ka ahang ho yona, hobane ba ne ba eso ho bone lefa la bona melokong ya Iseraele ho fihlela tsatsi leo.

2. Bana ba Dane ba kgetha, hara bona bohle, banna ba bahlano ba bohale, ba bana ba Tsorea le Eshthaole, mme ba ba romela ho ya hlwela naha le ho e lekola. Ba re ho bona: Eyang, le lekole naha. Ba ya, ba ba ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime, mme ba robala teng bosiu.

3. Ba re ba se ba le haufi le ntlo ya Mika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi; ba fapohela ho yena, ba re ho yena: O tlisitswe kwano ke mang? O etsang mona, mme taba ya hao mona ke efe?

4. A re ho bona: Mika o nkentse ka hore le hore; o nnea moputso, mme nna ke moprista wa hae.

5. Ba re ho yena: Ako botse Modimo, re tle re tsebe ha ekaba leeto la rona le tla atleha na?

6. Moprista a re: Eyang ka kgotso; leeto la lona leo le le nkileng le pela Jehova.

7. Yaba banna bao ba bahlano ba tloha, ba fihla Laishe, ba bona batho ba teng ba dutse ba iketlile ka mokgwa wa Basidone, ba dutse ka boiketlo le ka kgotso, ho se motho ya nang le borena naheng eo, ya nang le matla a ho ba etsa hampe, ba le hole le Basidone, ba se na taba le batho ba bang.

8. Yaba ba boela ho banababo bona, ba leng Tsorea le Eshthaole. Banababo bona ba re: Le tlisitse dife?

9. Ba re: Emang, re ba futuhele, hobane re bone naha; ke naha e ntle haholo. Le duletseng? Se tswafeng ho tsamaya le ho ya rua naha eo.

10. Ha le fihla teng le tla fihlela setjhaba se iketlileng; le yona naha e phatlaletse kahohle; hobane Modimo o e neetse matsohong a lona; hape, ke naha e sa hlokeng letho la tsohle tse lefatsheng.

11. Ha ho le jwalo, banna ba makgolo a tsheletseng ba leloko la Badane ba tloha Tsorea le Eshthaole, ba hlometse.

12. Ba nyoloha, ba ya emisa Kiryathe-Jearime, Juda; ka baka leo, bitso la teng ya eba Mahane-Dane (diahelo tsa Dane), ho fihlela kajeno. Ke kamora Kiryathe-Jearime.

Baahlodi 18