6. Mehleng eo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a iketsetsa kamoo a ratang kateng.
7. Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.
8. Monna eo a falla motseng wa Bethlehema-Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang sebaka teng. A re a sa le leetong la hae, a fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.
9. Mika a re ho yena: O tswa kae? A re ho yena: Ke Molevi wa Bethlehema-Juda, ke ya jaka moo nka fumanang sebaka teng.
10. Mika a re ho yena: Dula le nna, o be ntate le moprista wa ka; nna, ke tla o nea dishekele tse leshome ka selemo se seng le se seng, le diaparo tsa hao le dijo tsa hao.
11. Yaba Molevi o kena teng. Molevi a dumela ho dula le monna eo, mme mohlankana eo a ba ho yena jwaloka hoja eka ke e mong wa bara ba hae.
12. Mika a bea Molevi, mme mohlankana eo ya eba moprista wa hae, a dula tlung ya Mika.
13. Mika a re: Jwale, ke a tseba hobane Jehova o tla nketsa hantle, hobane ke na le moprista wa Molevi.