Baahlodi 17:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Monna eo, Mika, o ne a na le ntlo ya modimo; a iketsetsa le efoda le diterafime, mme a kgetha e mong wa bara ba hae, a mmea moprista wa hae.

6. Mehleng eo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a iketsetsa kamoo a ratang kateng.

7. Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.

8. Monna eo a falla motseng wa Bethlehema-Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang sebaka teng. A re a sa le leetong la hae, a fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.

9. Mika a re ho yena: O tswa kae? A re ho yena: Ke Molevi wa Bethlehema-Juda, ke ya jaka moo nka fumanang sebaka teng.

10. Mika a re ho yena: Dula le nna, o be ntate le moprista wa ka; nna, ke tla o nea dishekele tse leshome ka selemo se seng le se seng, le diaparo tsa hao le dijo tsa hao.

11. Yaba Molevi o kena teng. Molevi a dumela ho dula le monna eo, mme mohlankana eo a ba ho yena jwaloka hoja eka ke e mong wa bara ba hae.

Baahlodi 17