Baahlodi 17:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Monna e mong o ne a le teng thabeng ya Efraime, bitso la hae e le Mika.

2. A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!

3. Eitse hobane a busetse ho mmae shekele tseo tse sekete se nang le lekgolo, mmae a re: Ke kgethela Jehova ditjhelete tseo ka letsoho la ka, hore ka tsona ho etsetswe mora ka setshwantso se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng; ka ho etsa hoo, ke tla di busetsa ho wena.

4. Mika a busetsa tjhelete tseo ho mmae, mme mmae a nka dishekele tse makgolo a mabedi, a di nea setsholli; sa di etsa setshwantsho se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng, mme tsa dula tlung ya Mika.

5. Monna eo, Mika, o ne a na le ntlo ya modimo; a iketsetsa le efoda le diterafime, mme a kgetha e mong wa bara ba hae, a mmea moprista wa hae.

6. Mehleng eo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a iketsetsa kamoo a ratang kateng.

7. Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.

8. Monna eo a falla motseng wa Bethlehema-Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang sebaka teng. A re a sa le leetong la hae, a fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.

Baahlodi 17