Baahlodi 16:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba Delila o re ho Samsone: Ako ntsebise hore na matla a hao a maholo a tswa kae, le kamoo o ka tlangwang kateng, hore o tle o kokobetswe.

7. Samsone a re ho yena: Ha nka tlangwa ka kgole tsa seqha tse supileng tse ntjha, tse esong ho ome, nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.

8. Yaba marena a Bafilesta a tlisetsa Delila kgole tsa seqha tse supileng tse ntjha, tse esong ho ome, mme a mo tlama ka tsona.

9. Banna ba ne ba mo laletse kamoreng e kahare. Yaba Delila o re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o kgaola dikgole jwalokaha ho kgaolwa tshwele ya matakwane, ha e atametswa pela mollo. Ka mokgwa o jwalo, matla a hae ha a ka a tsejwa moo a tswang teng.

10. Delila a re ho Samsone: Bona, o ntshomile, o bile o mpoleletse leshano: mpolelle jwale se ka o tlamang.

11. A re ho yena: Ha nka tlangwa ka thata ka mehala e metjha e esong ho sebetse letho, nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.

12. Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, a ba a re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. Athe batho ba ne ba le teng ba mo laletse kamoreng e kahare. A mpa a kgaola mehala, ya wa matsohong a hae, jwaloka hoja ke tshwele.

13. Yaba Delila o re ho Samsone: Bona, o boetse o ntshomile la bobedi, mme o mpoleletse leshano. Mpolelle hle se ka o tlamang. A re ho yena: Ke ha o ka loha thapo tse supileng tsa moriri wa hlooho ya ka hammoho le kgole e lohang. Yaba o di tiisa ka sethakgisa,

Baahlodi 16