Baahlodi 16:12-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, a ba a re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. Athe batho ba ne ba le teng ba mo laletse kamoreng e kahare. A mpa a kgaola mehala, ya wa matsohong a hae, jwaloka hoja ke tshwele.

13. Yaba Delila o re ho Samsone: Bona, o boetse o ntshomile la bobedi, mme o mpoleletse leshano. Mpolelle hle se ka o tlamang. A re ho yena: Ke ha o ka loha thapo tse supileng tsa moriri wa hlooho ya ka hammoho le kgole e lohang. Yaba o di tiisa ka sethakgisa,

14. a re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. A mpa a tsoha borokong ba hae, a pshemola sethakgisa molohong hammoho le kgole.

15. Delila a re ho yena: O ka bolela jwang hore o a nthata, athe pelo ya hao ha e ho nna? Bona, e se e le la boraro o ntshomileng, mme ha o eso ho mpolelle moo matla a maholo a hao a tswang teng.

16. Yare ha a ntse a mo tshwenya ka dipolelo tsa hae ka matsatsi wohle, a ntse a mo hlodiya, pelo ya Samsone ya kgathala le ho isa lefung.

17. Yaba o mmolella tsohle tse ka pelong ya hae, a re ho yena: Lehare ha le eso ho ka le mpeola hlooho, hobane ke monasari wa Modimo, haesale popelong ya mme; ha nka beolwa, ke hona matla a ka a ka ntlohelang, mme nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.

18. Jwale, Delila ha a bona hobane o mmoleletse tsohle tse ka pelong ya hae, a romela ho bitsa marena a Bafilesta, a re: Nyolohang kajeno, hobane o mpoleletse tsohle tse ka pelong ya hae. Kahoo, marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a nkile ditjhelete ka matsoho a bona.

19. Eitse hobane Delila a mo robatse mangoleng a hae, a bitsa motho, mme a beola thapo tse supileng tsa moriri wa hlooho ya hae, mme a qala ho mo fokodisa, mme matla a hae a hla a mo tlohela.

20. A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.

21. Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.

22. Empa moriri wa hlooho ya hae wa boela wa mela, jwaloka pele, ha a ne a eso ho beolwe.

23. Yaba marena a Bafilesta a phutheha ho hlabela Dagone, modimo wa bona, sehlabelo se seholo, le ho etsa mokete; ba re: Modimo wa rona o neetse Samsone, sera sa rona, matsohong a rona.

24. Setjhaba ha se mmona, sa rorisa modimo wa sona, sa re: Modimo wa rona o neetse matsohong a rona sera sa rona, se neng se re senyetsa lefatshe le heso, se atisitseng palo ya ba heso ba bolailweng.

Baahlodi 16