1. Yaba Samsone o ya Gasa, a bona mosadi wa seotswa teng, mme a kena ha hae.
2. Ba Gasa ba utlwa ho thwe: Samsone o tlile kwano. Yaba ba mo teela hare, ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse; ba kgutsa bosiu bohle, ba re: Hosasane, ha bo esa, re tla mmolaya.
3. Haele Samsone, a robala ha ba ha eba bosiu bo boholo; bosiu bo boholo a tsoha, a tshwara mamati a monyako wa motse le difate tsa wona tse pedi, a di pshemola hammoho le mekwallo ya tsona, a di jara ka mahetla, mme a di isa hlorong ya thaba e maloka le Hebrone.
4. Ha isaisa, a rata mosadi e mong, ya ahileng molapong wa Soreke, bitso la hae e le Delila.
5. Marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a re ho yena: Mo qeke, o be o tsebe hore na matla a hae a maholo a tswa kae, le kamoo re ka tsebang ho mo hlola kateng, re tle re mo tlame, re mo kokobetse; e mong le e mong wa rona re tla o nea dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo.
6. Yaba Delila o re ho Samsone: Ako ntsebise hore na matla a hao a maholo a tswa kae, le kamoo o ka tlangwang kateng, hore o tle o kokobetswe.
7. Samsone a re ho yena: Ha nka tlangwa ka kgole tsa seqha tse supileng tse ntjha, tse esong ho ome, nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.
8. Yaba marena a Bafilesta a tlisetsa Delila kgole tsa seqha tse supileng tse ntjha, tse esong ho ome, mme a mo tlama ka tsona.
9. Banna ba ne ba mo laletse kamoreng e kahare. Yaba Delila o re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o kgaola dikgole jwalokaha ho kgaolwa tshwele ya matakwane, ha e atametswa pela mollo. Ka mokgwa o jwalo, matla a hae ha a ka a tsejwa moo a tswang teng.