1. Yaba Samsone o ya Gasa, a bona mosadi wa seotswa teng, mme a kena ha hae.
2. Ba Gasa ba utlwa ho thwe: Samsone o tlile kwano. Yaba ba mo teela hare, ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse; ba kgutsa bosiu bohle, ba re: Hosasane, ha bo esa, re tla mmolaya.
3. Haele Samsone, a robala ha ba ha eba bosiu bo boholo; bosiu bo boholo a tsoha, a tshwara mamati a monyako wa motse le difate tsa wona tse pedi, a di pshemola hammoho le mekwallo ya tsona, a di jara ka mahetla, mme a di isa hlorong ya thaba e maloka le Hebrone.