6. Yaba Bafilesta ba botsa, ba re: Hoo ho entswe ke mang na? Ha thwe: Ke Samsone, mokgwenyana wa monna wa Thimna, hobane o mo amohile mosadi wa hae, a mo nea moetsana wa hae. Yaba Bafilesta ba nyoloha, ba tjhese mosadi eo le ntatae.
7. Samsone a re ho bona: Leha le entse jwalo, ke tla boela ke iphetetse ho lona, ke ntano tlohela.
8. A ba bolaya serope le letheka, ya eba polao e kgolo; a ntoo theoha teng, a ya dula lefarung la lefika la Etame.
9. Yaba Bafilesta ba futuha, ba ya ba emisa naheng ya Juda, mme ba hasana Lehi.
10. Banna ba Juda ba tla, ba re: Le re futuheletseng na? Ba re: Re tlile ho tlama Samsone, re tle re etse ka yena jwalokaha a entse ka rona.
11. Yaba banna ba Juda ba kete tse tharo ba theohela lefarung la lefika la Etame, ba re ho Samsone: Na ha o tsebe hobane Bafilesta ba re busa na? O re etseditseng jwalo? A re ho bona: Ke entse ka bona kamoo ba entseng ka nna kateng.
12. Ba re ho yena: Re theohetse kwano re tle re o tlame, re o neele matsohong a Bafilesta. Samsone a re: Ntlhapanyetseng hore le ke se ke la ntsohela matla e le lona!
13. Ba mo fetola, ba re: Tjhe, re tla mpe re o tlame, re o neele matsohong a bona; haele ho o bolaya, ha re ka ke ra o bolaya. Yaba ba mo tlama ka mehala e mmedi e metjha, ba mo tlosa lefikeng.