14. Eitse ha a fihla Lehi, Bafilesta ba duduetsa, ha ba tla mo kgahlanyetsa. Yaba moya wa Jehova o mo tlela ka matla, mehala e tlamileng matsoho a hae ya ba ya fetoha ntho e kang lene e tjheleng, mme ditlamo tsa hae tsa lokoloha matsohong a hae.
15. A bona mohlahare o motala wa esele, a isa letsoho, a o tshwara, mme a bolaya batho ba sekete ka wona.
16. Yaba Samsone o re: Ka mohlahare wa esele ke entse qubu e nngwe, qubu tse pedi; ka mohlahare wa esele ke bolaile batho ba sekete.
17. A re a sa qetella ho bua, a lahla mohlahare, mme a rea lebitso la teng Ramathe-Lehi (thajana ya mohlahare).
18. A nyorwa haholo, mme a howeletsa ho Jehova, a re: Ha o etseditse mohlanka wa hao thuso e kalo, ho tla ba jwang leha nka shwa jwale ke lenyora, ka wela matsohong a maqai?
19. Yaba Modimo o petsola lefika le sekoti la Lehi, metsi a ba a tswa ho lona; a nwa, mme pelo ya hae ya boela bodulong, a thuseha. Ka baka leo, ho reilwe lebitso la teng Ene-Hakkore (sediba sa ya howeletsang); sediba seo se sa le teng Lehi le kajeno.
20. Mme a ahlolela Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi, mehleng yaBafilesta.