1. Ha isaisa, nakong eo koro e helwang ka yona, Samsone a tjhakela mosadi wa hae, a nkile potsanyane, a re: A nke ke kene ho mosadi wa ka tlung. Empa ntatae ha a ka a mo dumella ho kena.
2. Hape, ntatae a re: Ke lekantse hobane o mo hloile ruri, ke bile ke mo neile moetsana wa hao. Ha ke re, moenae o mo feta ka botle na? A e be yena mosadi wa hao, bakeng sa eo.
3. Samsone a re ho bona: Kajeno, ke tla hloka molato ho Bafilesta, leha nka ba etsa hampe.
4. Yaba Samsone o ya, a tshwara diphokojwe tse makgolo a mararo; a nka dirumula, mme hobane a patahanye mehatla e mmedi, a kenya serumula pakeng tsa mehatla eo e mmedi.
5. A hotetsa dirumula, mme a nehela diphokojwe dikorong tsa Bafilesta, mme a tjhesa diqubu tsa mangata le koro tse sa emeng, le masimo a mehlwaare.
6. Yaba Bafilesta ba botsa, ba re: Hoo ho entswe ke mang na? Ha thwe: Ke Samsone, mokgwenyana wa monna wa Thimna, hobane o mo amohile mosadi wa hae, a mo nea moetsana wa hae. Yaba Bafilesta ba nyoloha, ba tjhese mosadi eo le ntatae.
7. Samsone a re ho bona: Leha le entse jwalo, ke tla boela ke iphetetse ho lona, ke ntano tlohela.
8. A ba bolaya serope le letheka, ya eba polao e kgolo; a ntoo theoha teng, a ya dula lefarung la lefika la Etame.
9. Yaba Bafilesta ba futuha, ba ya ba emisa naheng ya Juda, mme ba hasana Lehi.
10. Banna ba Juda ba tla, ba re: Le re futuheletseng na? Ba re: Re tlile ho tlama Samsone, re tle re etse ka yena jwalokaha a entse ka rona.
11. Yaba banna ba Juda ba kete tse tharo ba theohela lefarung la lefika la Etame, ba re ho Samsone: Na ha o tsebe hobane Bafilesta ba re busa na? O re etseditseng jwalo? A re ho bona: Ke entse ka bona kamoo ba entseng ka nna kateng.