Baahlodi 14:5-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ha ho le jwalo, Samsone a theohela Thimna, a ena le ntatae le mmae; ba re ba sa fihla masimong a merara a Thimna, bonang, tawana ya teana le yena e puruma.

6. Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.

7. A ba a theoha, a bua le mosadi, mme Samsone a kgahlwa ke yena.

8. Kamora ditshiuana, ha a ya mo lata, a kgeloha tsela ho ya bona sefifi sa tau; a bona sehlopha sa dinotshi se le teng sefifing sa tau le mafura a tsona.

9. A nka mafura diatleng tsa hae, mme a tloha, a tsamaya a ntse a eja; eitse ha a fihla ho ntatae le mmae, a ba fa, mme le bona ba eja; a mpa a se ke a ba tsebisa hobane o nkile mafura a dinotshi sefifing sa tau.

10. Ntatae a theohela ho mosadi, mme Samsone a etsa mokete teng, kamoo e leng mokgwa wa bahlankana kateng.

11. Ha ba mmona, ba mo kgethela baetsana ba mashome a mararo, ba eba le yena.

12. Samsone a re ho bona: A nke ke le beele selotho; ha le ka ntlhalosetsa sona hantle matsatsing a supileng a mokete, la se nepa, ke tla le nea diaparo tse mashome a mararo le dikobo tse mashome a mararo tsa mokete.

13. Empa ha le sitwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona le tla nnea diaparo tse mashome a mararo tsa mokete. Ba re ho yena: Re bolelle selotho sa hao, re se utlwe.

14. A re ho bona: Sejo se tswile ho moji, mme se hlabosehang se tswile ho ya matla. Mme ka matsatsi a mararo, ba sitwa ho hlalosa selotho.

15. Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?

16. Mosadi wa Samsone a nna a lla pela hae, a re: O fela o ntlhoile, ha o nthate hle; o beetse bana ba setjhaba sa heso selotho, mme ha o a ka wa ntlhalosetsa sona. A re ho yena: Bona, ha esita ntate le mme ke sa ka ka ba hlalosetsa sona, nka o hlalosetsa sona ka mokgwa o jwang na?

17. Empa mosadi a nna a lla pela hae ka matsatsi a supileng a mokete wa bona, jwale ka la bosupa a mo hlalosetsa selotho, ka ho kgathatswa ke yena; mme eo a hlalosetsa bana ba setjhaba sa habo selotho.

18. Ka la bosupa, letsatsi le eso ho dikele, banna ba mmotsa, ba re ho yena: Se fetisang dinotshi ka ho hlaboseha e ka ba eng, mme se fetisang tau ka matla keng? A re ho bona: Hola le sa ka la lema ka sethole sa ka, le ka be le sa ka la nepa selotho sa ka.

19. Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.

20. Empa mosadi wa Samsone a newa molekane wa hae, eo a neng a mo entse moetsana wa hae.

Baahlodi 14