Baahlodi 14:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Samsone a theohela Thimna, a bona mosadi hara baradi ba Bafilesta, Thimna.

2. A kgutla, a tsebisa ntatae le mmae, a re: Ke bone mosadi Thimna hara baradi ba Bafilesta; nnkeleng yena jwale, e be mosadi wa ka.

3. Ntatae le mmae ba re ho yena: Na ha ho mosadi hara baradi ba banabeno le setjhabeng sa heso kaofela, haele moo o re, o rata ho inkela mosadi hara Bafilesta, bao ba maqai? Samsone a re ho ntatae: Nnkeleng yena, hobane o a nkgahla.

4. Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.

5. Ha ho le jwalo, Samsone a theohela Thimna, a ena le ntatae le mmae; ba re ba sa fihla masimong a merara a Thimna, bonang, tawana ya teana le yena e puruma.

6. Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.

7. A ba a theoha, a bua le mosadi, mme Samsone a kgahlwa ke yena.

8. Kamora ditshiuana, ha a ya mo lata, a kgeloha tsela ho ya bona sefifi sa tau; a bona sehlopha sa dinotshi se le teng sefifing sa tau le mafura a tsona.

9. A nka mafura diatleng tsa hae, mme a tloha, a tsamaya a ntse a eja; eitse ha a fihla ho ntatae le mmae, a ba fa, mme le bona ba eja; a mpa a se ke a ba tsebisa hobane o nkile mafura a dinotshi sefifing sa tau.

Baahlodi 14