Baahlodi 11:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Ha le se le ntatile ho ya lwantsha bana ba Ammone, leha Jehova a ka ba neela matsohong a ka, na ke tla ba hlooho ya lona na?

10. Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: Jehova a ke a re utlwe dipuong tsa rona; kannete re tla etsa kamoo o boletseng kateng.

11. Kahoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mmea morena le hlooho ya sona. Mme Jafeta a pheta mantswe a hae kaofela pela Jehova, Mitspe.

12. Jafeta a ntoo romela morena wa bana ba Ammone manqosa, a re: Taba ya hao le nna ke efe, haele moo o tlile ho ntwantsha naheng eo e leng ya ka?

13. Morena wa bana ba Ammone a re ho manqosa a Jafeta: Ke kahobane Baiseraele ba nkile naha ya ka, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke le Jordane, mohla ba nyolohang Egepeta; e busetse ho nna jwale ka kgotso.

14. Jafeta a boela a romela morena wa bana ba Ammone manqosa,

15. a re ho yena: Ho itswe ke Jafeta: Baiseraele ha ba ka ba nka naha ya Moabe, leha e le naha ya bana ba Ammone.

16. Eitse ha Baiseraele ba nyoloha Egepeta, ba tsamaya feelleng, ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu, ba ntoo fihla Kadeshe.

17. Ha ba le teng, Baiseraele ba romela morena wa Edomo manqosa, ba re: Ako re fe sebaka sa ho feta ka naha ya hao. Morena wa Edomo a mpa a hana. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba romela morena wa Moabe manqosa, mme le yena a hana. Yaba Baiseraele ba ema Kadeshe.

18. Ba ntoo tsamaya feelleng, ba pota naha ya Edomo le naha ya Moabe, ba fihla ka nqa botjhabela ho naha ya Moabe, mme ba emisa mose wane wa Arnone, ba se ke ba tlola moedi wa Moabe, etswe Arnone e le moedi wa Moabi.

19. Baiseraele ba ntoo romela manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, e leng morena wa Heshbone, mme Baiseraele ba re ho yena: Ako re fe sebaka sa ho feta ka naha ya hao, re tle re fihle naheng ya rona.

Baahlodi 11