Baahlodi 11:32-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Jafeta a fetela pele ho bana ba Ammone, ho ya ba lwantsha; mme Jehova a ba neela matsohong a hae.

33. a ba bolaya ka polao e kgolo, ho tloha Aroere, ho isa Minnithe, a senya le metse ya teng e mashome a mabedi, ho isa Abele-Keramime. Bana ba Ammone ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele.

34. Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena.

35. Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha.

36. Moradi wa hae a re ho yena: Ntate, ekare ha o ahlamisitse molomo wa hao pela Jehova, o nketse kamoo o boletseng kateng, haele moo o pheteleditswe ke Jehova ho dira tsa hao, bana ba Ammone.

37. A eketsa a re ho ntatae: A nke ke etsetswe ho le hong. Ntlohele kgwedi tse pedi, ke ye ke dikadike dithabeng, ke llele borwetsana ba ka, ke ena le thaka tsa ka.

38. A re ho yena: Eya. A mo tlohela kgwedi tse pedi, mme a ya le thaka tsa hae, a llela borwetsana ba hae dithabeng.

39. Eitse hobane kgwedi tse pedi di fele, a kgutlela ho ntatae, mme eo a mo etsa ka kano ya hae, a sa ka a tseba monna.

40. Hoo ye eba mokgwa Iseraeleng: Ka dilemo tsohle, barwetsana ba Iseraele ba ya ka matsatsi a mane selemong se seng le se seng ho bina dithoko tsa moradi wa Jafeta Mogileade.

Baahlodi 11