Baahlodi 11:20-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele ho tlola moedi wa hae, Sihone a mpa a phutha setjhaba sa hae kaofela, ba ya emisa Jahatse, mme ba lwantsha Baiseraele.

21. Jehova, Modimo wa Iseraele, a neela Sihone le setjhaba sa hae kaofela matsohong a Baiseraele, mme ba ba bolaya; Baiseraele ba rua naha yohle eo Baamore ba neng ba ahile ho yona.

22. Ba rua naha yohle ya Baamore, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke, le ho tloha feelleng ho isa Jordane.

23. Erekaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a lelekisitse Baamore pela setjhaba sa hae sa Iseraele naheng eo, e ka ba ya hao ka mokgwa o jwang?

24. Ha ke re, o ka rua seo Kemoshe, modimo wa hao, a ka o ruisang sona na? Le rona, re rua naha ya bohle bao Jehova, Modimo wa rona, a ba lelekisang pela rona.

25. Ana jwale o fetisa Balake mora Tsippore, morena wa Moabe na? Hleka o tsebile ho tsekisa Baiseraele, kapa na o bile le matla a ho ba lwantsha na?

26. Haesale Baiseraele ba ahile Heshbone le metseng ya teng, le Aroere le metseng ya teng, le metseng yohle e mabopong a Arnone, e leng ka dilemo tse makgolo a mararo, le sitilwe keng ho e lata ka motsotso o kalo?

27. Haele nna, ha ke na molato ho wena; ke wena ya nketsang hampe ka ho ntwantsha. Jehova ha e ke e be yena moahlodi ya ahlolang mahareng a bana ba Iseraele le bana ba Ammone kajeno!

28. Empa morena wa bana ba Ammone a hana ho mamela mantswe ao Jafeta a mo rometseng wona.

29. Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.

30. Jafeta a itlama ho Jehova ka kano, a re: Ekare ha o ka neela bana ba Ammone matsohong a ka,

31. motho ya tla tswa menyakong ya ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa, mohla ke kgutlang ka kgotso ke hlotse bana ba Ammone, e tla ba wa Jehova, mme ke tla mo etsa setjheso.

32. Jafeta a fetela pele ho bana ba Ammone, ho ya ba lwantsha; mme Jehova a ba neela matsohong a hae.

33. a ba bolaya ka polao e kgolo, ho tloha Aroere, ho isa Minnithe, a senya le metse ya teng e mashome a mabedi, ho isa Abele-Keramime. Bana ba Ammone ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele.

34. Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena.

35. Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha.

Baahlodi 11