1. Jafeta, Mogileade, e ne e le mohale; e ne e le mora wa seotswa; ke Gileade ya neng a tswetse Jafeta.
2. Mohatsa Gileade o ne a mo tswaletse bara; eitse hobane bara ba mohatsa hae ba hole, ba lelekisa Jafeta, ba re ho yena: O ke ke wa ja lefa la ntlo ya ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.
3. Yaba Jafeta o baleha ke ho tshaba banababo, a ya aha naheng ya Tobe; banna ba lefeela ba phuthehela ho yena, mme ba nna ba futuha le yena.
4. Ha isaisa, bana ba Ammone ba futuhela Baiseraele.
5. Bana ba Ammone ba re ba sa futuhetse Baiseraele, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe.
6. Ba re ho Jafeta: Tloo, o be hlooho ya rona, re tle re lwantshe bana ba Ammone.
7. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Na hase lona le ntlhoileng na, le bile le ntelekile tlung ya ntate? Le tletseng ho nna jwale, ha le le tsietsing?
8. Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: Ke ka hona hoo re tlileng ho wena jwale, hore o tle le rona, o lwantshe bana ba Ammone, mme o be hlooho ya rona kaofela ba ahileng Gileade.
9. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Ha le se le ntatile ho ya lwantsha bana ba Ammone, leha Jehova a ka ba neela matsohong a ka, na ke tla ba hlooho ya lona na?