1. Jafeta, Mogileade, e ne e le mohale; e ne e le mora wa seotswa; ke Gileade ya neng a tswetse Jafeta.
2. Mohatsa Gileade o ne a mo tswaletse bara; eitse hobane bara ba mohatsa hae ba hole, ba lelekisa Jafeta, ba re ho yena: O ke ke wa ja lefa la ntlo ya ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.
3. Yaba Jafeta o baleha ke ho tshaba banababo, a ya aha naheng ya Tobe; banna ba lefeela ba phuthehela ho yena, mme ba nna ba futuha le yena.
4. Ha isaisa, bana ba Ammone ba futuhela Baiseraele.
5. Bana ba Ammone ba re ba sa futuhetse Baiseraele, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe.
6. Ba re ho Jafeta: Tloo, o be hlooho ya rona, re tle re lwantshe bana ba Ammone.
7. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Na hase lona le ntlhoileng na, le bile le ntelekile tlung ya ntate? Le tletseng ho nna jwale, ha le le tsietsing?
8. Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: Ke ka hona hoo re tlileng ho wena jwale, hore o tle le rona, o lwantshe bana ba Ammone, mme o be hlooho ya rona kaofela ba ahileng Gileade.
9. Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Ha le se le ntatile ho ya lwantsha bana ba Ammone, leha Jehova a ka ba neela matsohong a ka, na ke tla ba hlooho ya lona na?
10. Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: Jehova a ke a re utlwe dipuong tsa rona; kannete re tla etsa kamoo o boletseng kateng.
11. Kahoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mmea morena le hlooho ya sona. Mme Jafeta a pheta mantswe a hae kaofela pela Jehova, Mitspe.
12. Jafeta a ntoo romela morena wa bana ba Ammone manqosa, a re: Taba ya hao le nna ke efe, haele moo o tlile ho ntwantsha naheng eo e leng ya ka?
13. Morena wa bana ba Ammone a re ho manqosa a Jafeta: Ke kahobane Baiseraele ba nkile naha ya ka, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke le Jordane, mohla ba nyolohang Egepeta; e busetse ho nna jwale ka kgotso.