12. Le mohla le neng le tshwenngwa ke Basidone le Baamaleke le Bamidiane, la howeletsa ho nna, mme ka le namolela matsohong a bona.
13. Le mpa le mphuraletse, le sebeleditse medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela.
14. Eyang, le howeletse ho medimo eo le ikgethetseng yona, e ke e le namolele nakong ena ya tsietsi ya lona.
15. Bana ba Iseraele ba re ho Jehova: Re sitilwe; etsa ka rona kahohle kamoo o ratang kateng; feela, o re namolele kajeno.
16. Yaba ba lahla medimo esele e hara bona, mme ba sebeletsa Jehova; Jehova a utlwela Baiseraele bohloko ka baka la tsietsi ya bona.
17. Bana ba Ammone ba phutheha, ba tla, ba emisa Gileade; le bona bana ba Iseraele ba phutheha, ba ya, ba emisa Mitspe.
18. Yaba batho le baholo ba Gileade ba botsana, ba re: Ke mang ya tla qala ho lwantsha bana ba Ammone na? Ya qalang e tla ba yena hlooho ya bohle ba ahileng Gileade.