1. Kamora Abimeleke, ha hlaha Thola, mora Pua, mora Dodo, monna wa Issaskare, ho namolela Iseraele; o ne a ahile Shamire, thabeng ya Efraime.
2. A ahlolela Iseraele ka lemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, a ntoo shwa, a patwa Shamire.
3. Kamora hae, ha hlaha Jaire, Mogileade; yena a ahlolela Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
4. O ne a na le bara ba mashome a mararo, ba kallang diesele tse mashome a mararo; ba ne ba na le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, e reilweng lebitso la Havvoth-Jaire le kajeno.
5. Jaire a shwa, mme a patwa Kamone.
6. Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova; ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe, le medimo ya Siria, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Ammone, le medimo ya Bafilesta; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa.
7. Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Bafilesta le matsohong a bana ba Ammone.
8. Ka selemo seo ba tshwenya, ba hatakela bana ba Iseraele hampe; hape ba tshwenya bana ba Iseraele bohle ba leng mose wane wa Jordane, naheng ya Baamore, e leng Gileade, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.
9. Bana ba Ammone ba tshela Jordane ho ya lwantsha Juda, le Benjamine, le ntlo ya Efraime, mme Baiseraele ba tsieleha haholo ke hona.