7. Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.
8. Yaba bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba o kena; ba bolaya baahi ba teng ka bohale ba lerumo, mme ba tjhesa motse.
9. Bana ba Juda ba ntoo theoha, ho ya futuhela Bakanana ba ahileng dithabeng, le Borwa, le lehwatateng.
10. Hape, ba Juda ba futuhela Bakanana ba ahileng Hebrone (bitso la pele la Hebrone e ne e le Kiryath-Arba), mme ba hlola metse ya Sheshai, le Akimane, le Talmai.
11. Eitse ha ba tloha teng, ba futuhela ba ahileng Debire (bitso la pele la Debire e ne e le Kiryathe-Sefere).
12. Kalebe a re: Leha e ka ba mang ya tla hlola Kiryathe-Sefere, a o kene, ke tla mo nea moradi wa ka Aksa, e be mosadi wa hae.
13. Othniele, mora Kenase, moena Kalebe, a o kena, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae Aksa, hore e be mosadi wa hae.
14. Aksa ha a fihla hae, a susumetsa monna wa hae hore a qele tshimo ho ntatae. Ebile Aksa o theoha eseleng ya hae, mme Kalebe a re ho yena: Taba ya hao ke efe?
15. Yena a re: Ntshitse ka ho hong; hobane o nneile naha e lebileng nqa borwa; mphe le didiba. Kahoo, Kalebe a mo nea didiba tse kahodimo, le didiba tse katlase.
16. Haele bana ba Mokene, mohwehadi wa Moshe, ba ne ba tlohile motseng wa Dipalema, ba nyolohetse le bana ba Juda feelleng la Juda, le leng ka nqa borwa ho Arade; mme ba tla, ba aha le batho ba teng.
17. Hape, Juda ba tsamaya le Simeone ngwanabo, ba ya, ba hlola Bakanana ba ahileng Tsefathe, mme ba ba neela anathema. Ka baka leo, motse oo wa rewa lebitso la Horma (anathema).
18. Juda a nka le Gasa le naha ya teng, le Ashkelone le naha ya teng, le Ekrone le naha ya teng.
19. Jehova a ba le Juda, mme Juda a hapa dithaba, a mpa a sitwa ho tlosa ba ahileng lehwatateng, kahobane ba ne ba na le makoloi a tshepe.
20. Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.