26. Motho eo a fallela naheng ya Bahethe, mme a haha motse teng, a o rea lebitso la Luse. Esale lebitso la wona le kajeno.
27. Manasse yena ha a ka a leleka batho ba Bethe-Sheane le ba metse ya teng, leha e le ba Thaanake le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Dore le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Jibleame le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Meggido le ba metse ya teng; Bakanana ba mpa ba hanella naheng eo.
28. Eitse hobane Baiseraele ba iphe matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba lelekela ruri.
29. Haele Efraime, ha a ka a leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba nna ba aha le bona Gesere.
30. Sabulone yena ha a ka a leleka ba ahileng Kitrone, leha e le ba ahileng Nahalole; Bakanana ba nna ba aha le bona, ba mpa ba ba ntshetsa lekgetho.
31. Asere, ha a ka a leleka ba ahileng Akko, leha e le ba ahileng Sidone, le Aklabe, le Aksibe, le Helba, le Afike, le Rehobe.
32. Baasere ba nna ba aha le Bakanana ba ahileng naheng eo, ba se ke ba ba leleka.
33. Nefthali yena ha a ka a leleka ba ahileng Bethe-Shemeshe, leha e le ba ahileng Bethe-Anathe; a nna a aha le Bakanana ba ahileng naheng eo; ba ahileng Bethe-Shemeshe le Bethe-Anathe ba mpa ba mo ntshetsa lekgetho.
34. Baamore ba patisa bana ba Dane dithabeng, ba se ke ba ba dumella ho theohela lehwatateng.
35. Kahoo, Baamore ba hanella Hare-Herese, le Ajalone, le Shaalbime; leha ho le jwalo, ba ntlo ya Josefa ba ba imela, ba ba ba ntshiswa lekgetho.
36. Haele naha ya Baamore e ne e tloha thabeng ya Akrabbime, lefikeng, le ho ya nqa hodimo.