19. Jehova a ba le Juda, mme Juda a hapa dithaba, a mpa a sitwa ho tlosa ba ahileng lehwatateng, kahobane ba ne ba na le makoloi a tshepe.
20. Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.
21. Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.
22. Ba ntlo ya Josefa bona ba nyolohela Bethele, mme Jehova a ba le bona.
23. Ba ntlo ya Josefa ba romela ho hlwela Bethele (bitso la pele la motse oo e ne e le Luse).
24. Dihlwela tsa bona motho ya tswang motseng, tsa re ho yena: Ako re supise moo motse o ka kenwang, mme re tla o etsetsa mohau.
25. Eitse hobane a ba supise moo motse o ka kenwang, ba bolaya ba motse ka bohale ba lerumo, ba mpa ba hauhela motho eo le bohle ba ntlo ya hae.
26. Motho eo a fallela naheng ya Bahethe, mme a haha motse teng, a o rea lebitso la Luse. Esale lebitso la wona le kajeno.
27. Manasse yena ha a ka a leleka batho ba Bethe-Sheane le ba metse ya teng, leha e le ba Thaanake le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Dore le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Jibleame le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Meggido le ba metse ya teng; Bakanana ba mpa ba hanella naheng eo.