Baahlodi 1:12-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Kalebe a re: Leha e ka ba mang ya tla hlola Kiryathe-Sefere, a o kene, ke tla mo nea moradi wa ka Aksa, e be mosadi wa hae.

13. Othniele, mora Kenase, moena Kalebe, a o kena, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae Aksa, hore e be mosadi wa hae.

14. Aksa ha a fihla hae, a susumetsa monna wa hae hore a qele tshimo ho ntatae. Ebile Aksa o theoha eseleng ya hae, mme Kalebe a re ho yena: Taba ya hao ke efe?

Baahlodi 1