12. ba tle ba rue ho setseng ha Edomo, le ditjhaba tsohle tse tla bitswa ka lebitso la ka, ho bolela Jehova, yena ya tlang ho etsa tseo.
13. Bonang, matsatsi a ya tla, ho bolela Jehova, ao ya lemang a tla tshwara ya kotulang; le ya dubang ditholwana tsa morara ka maoto a tshwara ya jalang peo; mme veine e ntjha e tla phalla dithabeng, le maralla wohle a tla kolla.
14. Ke tla lokolla setjhaba sa ka sa Iseraele kgolehong ya sona, mme ba tla tsosa metse e senyehileng, ba ahe ho yona; ba tla hloma masimo a merara, ba nwe veine ya wona; ba tla hloma le dirapa tsa difate, ba je le ditholwana tsa tsona.