Amose 9:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka bona Morena a eme pela aletare, mme a re: Otla hloro ya ntlo, ho be ho sisinyehe le difate tsa monyako; o di robakanye hodima dihlooho tsa bona kaofela. Ba setseng, ke tla ba bolaya ka lerumo; ho ke ke ha eba le a mong ho bona ya ka balehang, leha a le mong a ke ke a ba teng ya ka phonyohang ho bona.

2. Leha ba ka phunya nqalo ya bafu ho tshabela teng, le teng letsoho la ka le tla ba ntsha; leha ba ka nyolohela lehodimong, ke tla ba theola teng.

3. Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma;

4. leha ba ya kgolehong, ba qhojwa ke dira tsa bona, le teng ke tla laela lerumo hore le ba bolaye; mme ke tla ba tjamela ho ba etsa hampe, e seng ho ba etsa hantle.

5. Hobane ya etsang tseo ke Morena, Jehova wa makgotla; o ama lefatshe, mme le a qhibidiha; bohle ba ahileng ho lona ba hlomoha, kaofela ha lona le phahama jwaloka noka, le boele le kokobele jwaloka noka ya Egepeta.

6. O haha matlo a hae a phahameng lehodimong; o bea lehodimo ho ba marulelo a hae hodima lefatshe; o bitsa metsi a lewatle, a a tshollele hodima lefatshe: lebitso la hae ke Jehova.

7. Ha ke re, ho nna le jwaloka bana ba Kushe, lona bara ba Iseraele? ho bolela Jehova. Na ha ke a ka ka ntsha Iseraele lefatsheng la Egepeta, jwalokaha ke ntshitse Bafilesta Kaftore, le Basiria Kire?

8. Bonang, mahlo a Morena Jehova a tjametse mmuso o tletseng dibe, mme ke tla o timetsa hodima lefatshe; feela, nke ke ka timeletsa ntlo ya Jakobo ruri, ho bolela Jehova.

9. Hobane bonang, ke a laela, mme ke tla hlokola ntlo ya Iseraele hara ditjhaba tsohle, jwalokaha ho hlokolwa koro ka sefe, ho se hlaku le e nngwe e welang fatshe.

10. Ba tla shwa ke lerumo, baetsadibe bohle ba setjhaba sa ka, ba reng: Kotsi e ke ke ya re atamela, e ke ke ya re tshwara?

11. Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotlwane wa Davida o weleng, ke tsose dikgeo tsa lerako la wona; moo o helehileng ke tla o lokisa, ke tle ke o hahe jwaloka mehleng ya boholoholo;

Amose 9