Amose 8:10-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.

11. Bonang, matsatsi a tla, ho itsalo Morena Jehova, ao ke tla romela ho lapa lefatsheng, e seng ho lapela bohobe leha e le ho nyorelwa metsi; empa e leng ho lapela mantswe a Jehova.

12. Ba tla tsamaya ba etswa lewatleng le leng, ba ya ho le leng; ba tla matha ba etswa leboya, ho isa botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Jehova, empa ba ke ke ba le fumana.

Amose 8