7. Ke ena pono eo a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona Morena Jehova a eme hodima lerako le hahilweng ka ho lekanngwa ka sekitiloto, a tshwere sekitiloto letsohong la hae.
8. Morena a re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona sekitiloto. Yaba Morena o re: Bona, ke tla bea sekitiloto kahara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.
9. Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.
10. Ebile Amatsia, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, Morena wa Iseraele, a re: Amose o o fetohetse kahara ntlo ya Iseraele; lefatshe le se le sitwa ho mamella dipolelo tsohle tsa hae;
11. hobane Amose o itse: Jeroboame o tla shwa ka lerumo, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a tloswe lefatsheng la hae.
12. Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng.
13. Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.