Amose 7:11-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. hobane Amose o itse: Jeroboame o tla shwa ka lerumo, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a tloswe lefatsheng la hae.

12. Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng.

13. Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.

14. Empa Amose a araba, a re ho Amatsia: Nna, ha ke moporofeta, leha e le mora moporofeta; empa ke modisa, ke phela ka ho ikgella ditholwana tsa sikomora.

15. Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.

16. Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;

Amose 7