Amose 7:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, a hlahisa ditsie, jwang ha bo boela bo hlomela, ke ho re ha jwang bo boela bo hlomela, ha ho se ho hetswe ba morena.

2. Eitse ha di qetile ho ja jwang bohle bo bong ba lefatshe, ka re: Oho Morena Jehova, tshwarela hle! Na Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?

3. Jehova a tela taba eo. E ke ke ya etsahala: ho itsalo Jehova.

4. Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, Morena Jehova a bitsa mollo ho kgalemela ka wona; wa qeta bodiba bo boholo, wa qala ho tjhesa le lefa la Jehova.

5. Yaba ke re: Morena Jehova, tlohela hle! Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?

6. Jehova a tela taba eo. E ke ke ya etsahala: ho itsalo Morena Jehova.

7. Ke ena pono eo a neng a ntlhahisetse yona. Ka bona Morena Jehova a eme hodima lerako le hahilweng ka ho lekanngwa ka sekitiloto, a tshwere sekitiloto letsohong la hae.

8. Morena a re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona sekitiloto. Yaba Morena o re: Bona, ke tla bea sekitiloto kahara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.

9. Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.

Amose 7