Amose 5:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Le masimong wohle a merara dillo di tla ba teng, hobane ke tla feta mahareng a hao: ho bolela Jehova.

18. Ho madimabe lona le hlolohetsweng tsatsi la Morena! Letsatsi la Morena le le lakaletsang? E tla ba lefifi, e seng lesedi.

19. Ho tla ba jwaloka motho ha a balehela tau, mme a kgahlana le bere, kapa a kena tlung, a bea letsoho la hae leboteng ho ikokotlela, mme noha e mo loma.

20. Ha ke re, tsatsi la Morena e tla ba lefifi, e seng lesedi; botsho ba bosiu, e seng lesedi la motshehare?

21. Ke hloile, ke bile ke nyedisa mekete ya lona; ha ke rate le monko wa tse hlajwang diphuthehong tsa lona tse mahlonoko.

22. Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime.

23. Tlosetsang lerata la dipina tsa lona hole le nna; nke ke ka mamela modumo wa diharepa tsa lona.

24. Empa kahlolo e tla matha jwaloka metsi, le ho loka jwaloka noka e sa phetseng ho phalla.

25. Na, ha le ne le le feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le ne le ntlhahisetse mahlabelo le dinyehelo, lona ba ntlo ya Iseraele?

26. Tjhe, le ne le jare Sikkuthe, morena wa lona, le Kiune, setshwantsho sa lona, naledi ya modimo oo le neng le iketseditse wona.

27. Ka baka leo, ke tla le isa kgolehong ho feta Damaseka, ho bolela Jehova, eo lebitso la hae e leng Modimo wa makgotla.

Amose 5