Amose 5:16-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla.

17. Le masimong wohle a merara dillo di tla ba teng, hobane ke tla feta mahareng a hao: ho bolela Jehova.

18. Ho madimabe lona le hlolohetsweng tsatsi la Morena! Letsatsi la Morena le le lakaletsang? E tla ba lefifi, e seng lesedi.

19. Ho tla ba jwaloka motho ha a balehela tau, mme a kgahlana le bere, kapa a kena tlung, a bea letsoho la hae leboteng ho ikokotlela, mme noha e mo loma.

20. Ha ke re, tsatsi la Morena e tla ba lefifi, e seng lesedi; botsho ba bosiu, e seng lesedi la motshehare?

21. Ke hloile, ke bile ke nyedisa mekete ya lona; ha ke rate le monko wa tse hlajwang diphuthehong tsa lona tse mahlonoko.

22. Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime.

23. Tlosetsang lerata la dipina tsa lona hole le nna; nke ke ka mamela modumo wa diharepa tsa lona.

24. Empa kahlolo e tla matha jwaloka metsi, le ho loka jwaloka noka e sa phetseng ho phalla.

Amose 5