Amose 5:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Utlwang lentswe lena leo ka lona ke le binelang mahlomola, lona ba ntlo ya Iseraele:

2. O wele, ha a sa tla boela a eme, morwetsana wa Iseraele; o dihetswe fatshe; ha ho ya mo tsosang.

3. Hobane ho itswe ke Morena Jehova: Motse o neng o ntshetsa ntlo ya Iseraele bahlabani ba sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela, le o neng o e ntshetsa ba lekgolo o tla sala le ba leshome.

4. Hobane Jehova o itse ho ntlo ya Iseraele: Mpatleng, le tle le phele!

5. Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.

6. Batlang Jehova, le tle le phele, esere mohlomong a wela ntlo ya Josefa jwaloka mollo, mme mollo oo wa fedisa Bethele, ho se motho ya o timang.

7. Bao ba fetola kahlolo lengana, ba dihela ho loka fatshe;

8. athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;

9. o tsosetsa ya matla tshenyeho, tshenyeho e fihlele motse o matla.

10. Bao ba hloya ya eletsang kgotla, ba ile ya bolelang tse lokileng.

11. Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.

12. Hobane ke tseba hoba ditlolo tsa lona di ngata, le hoba dibe tsa lona di atile haholo; le hlorisa ya lokileng, le nka tefo, mme bafumanehi ha le ba ahlolele kgotla.

13. Ka baka leo, mehleng ena ya bohlale o a ikgutsetsa, hobane ke mehla e mebe.

14. Batlang ho hotle, e seng ho hobe, le tle le phele, mme Jehova, Modimo wa makgotla, a fele a be le lona jwalokaha le bolela.

Amose 5