Amose 4:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!

2. Morena Jehova o hlapantse ka bokgetheho ba hae, a re: Bonang, le tla hlahelwa ke matsatsi ao le tla hulwa ka dilope, masala a lona a hulwe ka ditshepe tsa ho tshwasa dihlapi.

3. Le tla tswa motseng moo lerako le helehileng, e mong le e mong kapele ho yena, le balehe hole le qhobosheane tsa lona: ho itswalo ke Jehova.

4. Eyang Bethele, le sebe; le atise ho seba Gilgale. Hlahisang mahlabelo a lona hosasa; ka tsatsi la boraro, le hlahise karolo ya leshome ya tseo le di ruileng.

5. Teboho tsa lona tsa setjheso di etseng ka tse lomositsweng; le laele le dikabelo tse yeng di ntshuwe ka ho ithatela ha motho, hobane ke moo le ithatelang, lona bana ba Iseraele: ho itswalo ke Morena Jehova.

6. Athe ke ne ke le hlahisetse tlala metseng ya lona yohle, le ho hlokeha ha bohobe dinqalong tsohle tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.

7. Hape, ke ne ke le time dipula, ho sa setse dikgwedi tse tharo pele ho kotulo, ka e nesetsa motse o mong, motse o mong ke se ke ka o nesetsa; tshimo e nngwe ya nesetswa, tshimo e nngwe e sa kang ya nesetswa ya omella;

8. ba metse e mmedi, e meraro, ba ya ba ntse ba thekesela motseng o mong ho ya nwa metsi, empa ba se ke ba kgolwa; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna ho bolela Jehova.

Amose 4