Amose 3:10-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.

11. Ka baka leo, Morena Jehova o itse: Sera ke sena! se se se le ka nqa tsohle ho lefatshe! Se tla diha kganya ya hao, matlo a hao a borena a phahlwe.

12. Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.

13. Mamelang, le pake tsa ntlo ya Jakobo, ho bolela Morena Jehova, Modimo wa makgotla.

14. Ka tsatsi leo ke tlang ho kgalemela Iseraele ka baka la makgopo a hae, ke tla kgalemela le dialetare tsa Bethele, mme manaka a aletare a tla robeha, a wele fatshe.

Amose 3