Amose 3:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta;

2. ke re: Ke tsebile lona feela hara meloko yohle ya lefatshe; ka baka leo, ke tla le otla ka baka la makgopo a lona kaofela.

3. Na ba babedi ba tla tsamaya hammoho, ba sa dumellana?

4. Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na?

5. Na nonyana e ka wela lerabeng le fatshe, ho se ntho e e tjhehileng? Na leraba le beilweng fatshe le ka tlolela hodimo le sa tshwase letho?

6. Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?

Amose 3