11. mme ke tsositse baporofeta hara bana ba lona, le hara bahlankana ba lona ke tsositse banasari. Na ha ho jwalo, bana ba Iseraele? ho bolela Jehova.
12. Empa le nositse banasari veine; haele baporofeta, le ba laetse, la re: Le se ke la porofeta.
13. Bonang, ke tla le hatisa, jwaloka koloi e tletseng mangata ha e hatisa lefatshe;
14. ya lebelo o tla sitwa ho baleha, ya matla a ke ke a itiisa ka matla a hae, senatla se ke ke sa boloka ho phela ha sona.
15. Ya tshwereng seqha a ke ke a ema, ya maoto a bobebo a ke ke a ipholosa, ya palamang pere a ke ke a boloka ho phela ha hae;
16. leha e le eo e leng senatla hara dinatla, o tla baleha a hlobotse ka tsatsi leo: ho itswalo ke Jehova.