1. Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;
2. ke tla akgela mollo Moabe, o tle o tjhese matlo a borena a Keriothe, mme Moabe o tla timela moferefereng oo hara mokgosi le modumo wa terompeta;
3. ke tla timetsa moahlodi mahareng a hae, le marena a hae ke a fedise hammoho le yena: ho itswalo ke Jehova.
4. Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;
5. ke tla akgela mollo Juda, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema.
6. Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Iseraele — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba reka tjhelete ka ya lokileng, le ka mofumanehi ba reka dieta,
7. ba lakatsa ho bona lerole la lefatshe hodima hlooho ya mofutsana, mme ba kgopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntatae ba kenela mosadi a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le kgethehileng;